BOLAODI BA SETJHABA BA MOTLAKASE
KGAOLO YA PHEPELO YA MOTLAKASE
KA MOO O KA QOBANG HO KGAOLELWA PHEPELO YA MOTLAKASE KA TENG
Lefa dikoloto tsa hao
Ke ntho ya bohlokwa hore ka mehla o lefe sekoloto sa hao sa motlakase ka botlalo. Hona ho tla etsa hore akhaonte ya hao e se salle morao. Hangata bareki ba rata ho lefa karolo ya palo ya tjhelete e batlehang, mme hona ba ho etsa ka mohopolo wa hore ba ke ke ba timelwa motlakase. Ha tjhelete e salletseng morao e sa leshwa ka botlalo kgweding e latelang, hoo ho tla eketsa bothata ba hore o kgone ho lefa sekoloto sa hao le ho etsa hore se salle morao.
O kotjwa hore o ele hloko hore ha feela o ntse o lefa karolo ya sekoloto sa hao hoo ho tla nne ho etse hore o kgaolelwe phepelo ya motlakase. Ka potlako feela ha o bona hore o ke ke wa kgona ho lefa tjhelete e salletseng morao akhaonteng ya hao, iteanye le bafepedi ba motlakase ba sebaka sa heno mme le rerisane hore o tla lefa sekoloto seo jwang.
Ho tla ba le tswala e lefiswang hodima palo yohle e batlehang kapa e salletseng morao, moo moreki a sa lefeng sekoloto sa hae sa motlakase ho hang, moo e lefang karolo feela ya sekoloto, kapa e lefang sekoloto ka mora letsatsi le behilweng. Hona ho tla eketsa sekoloto sa moreki hanyenyane.
Phethisa ditumellano tsa hao tsa dikoloto
Ha e be pejana o ile wa saena tumellano ya ho lefa sekoloto le mofepedi wa motlakase, ho a thusa ho phethisa tumellano eo. Ha o hloleha ho etsa jwalo, phepelo ya hao ya motlakase e tla kgaolwa. Le ha ho le jwalo, ha ho ka etseha hore maemo a fetohe a be mabe le ho feta ka mora hoba o saene tumellano, o lokela ho tsebisa mofepedi wa hao wa motlakase ka potlako. Ho ka batleha bopaki ba maemo ao a fetohileng.
Lebela ka moo o sebedisang motlakase
Ha o na le metara e tlwaelehileng (eo hape e bitswang credit meter) o tla tshwanela ho lekola diyuniti tseo o di sebedisang le dipalo tsa teng kgafetsa. Tshupamolato efe kapa efe ya motlakase e lokela ho ba le palo ya pulo ya motlakase (e leng palo e nkuweng la ho qetela) le palo ya kwalo (e leng palo ya ha jwale). O tshwanela ho sheba hore na palo ya hao ya pulo ya kgwedi e tshwana le palo ya ho kwala ya kgwedi e fetileng. Ha palo tsena di sa tshwane, kopa tlhaloso ya hoo ho mofepedi wa wa motlakase. Dimetara le tsona ka nako e nngwe di etsa diphoso.
Lekola tefello ya hao ya yuniti: Ke ntho ya bohlokwa ho tseba hore mofepedi o lokela ho o lefisa bokae bakeng sa yuniti (kWh) ya motlakase oo o o sebedisitseng. Ha o sa tsebe botsa mofepedi wa hao wa motlakase kapa o ka iteanya le ba Bolaodi ba Setjhaba ba Motlakase ho fumana tsebiso e eketsehileng. Ha o batla ho tseba hore o lefisitswe bokae kgweding eo, o tla tshwanela ho arola palo e hlahisitsweng moo ka Diranta tlasa kholomo ya motlakase ka palo ya diyuniti tse ngotsweng ho tshupamolato ya hao. (Diyuniti tsena e tla ba phapang mahareng a palo ya pulo le ya kwalo). Palo eo o tla e fumana moo e tla ba yona tefiso ya yuniti e le nngwe.
Nahana ka ho fetohela metareng ya motlakase o rekwang ka dikarata
Ha e be kgetho ya ho fetola ho tswa metareng e lefisang ka mora ho sebedisa motlakase ho ya ho e lefellwang pele o sebedisa motlakase e le teng, nahana ho fetohela ho yona. Hopola, ho tla hlokeha tjhelete ya ho fetolela. Tefiso e tla ya ka boholo ba matla (amperage) a phepelo ya hao ya motlakase. Melemo ya kgetho ena ke ena e latelang:
Hona ho tla ho thusa hore o iketsetse ditekanyetso tsa motlakase oo o o sebedisang.
O ke ke wa tshwengwa ke taba ya hore akhaonte ya hao e tla salla morao.
O qoba ho kgaolelwa motlakase.
O kgona ho laola palo ya motlakase oo o o sebedisang.
Ha ho ka etseha hore akhaonte ya hao e salle morao o ka kotjwa hore o e lefe ka botlalo pele o ka fetohela metaraeng wa dikarata o lefellang motlakase pele o o sebedisa. Melemo ya nako e telele eo ho fanweng ka yona ka mona hodimo e feta tlhoko ena. Batlisisa ka leano le laolang ntlha ena ho tswa ho mofepedi wa hao. Hangata bafepedi ba bang ba batla hore moreki a kene tumellanong ya ho lefella sekoloto sa hae se salletseng morao ka ho ya ka nako eo ba tla dumellana ka yona ka bobedi ba bona.
Itlwaetse ho sebedisa motlakase hantle haholo
Ho sebedisa motlakase wa hao hantle haholo ho tla thusa ho fokotsa ka moo o o sebedisang ka teng le ditefello tsa hao tsa kgwedi le kgwedi. Na hona o ka ho etsa jwang? Ditofo, dikisara le dihitara ke tsona tse bopang karolo e kgolo ya ditefello tsa motlakase.
Ha o na le kisara etsa bonnete ba hore thermostat ya yona ha ya behwa hodimo. Yona e ka behwa ho +/- 60. O tla tshwanela ho fumana dikeletso ho tswa ho setsebi sa motlakase mabapi le hona.
Thibela ho tswa ha mofuthu kisareng: Ha o kgona, ho kwahela kisara le dipeipi hore di se ntshe mofuthu, hoo ho ka fokotsa tshebediso ya hao ya motlakase haholo. Le ha ho le jwalo, ho tla hlokeha tjhelete bakeng sa ho etsa hona.
Setofo: Etsa bonnete ba hore dipoleiti tsa setofo tsa hao ha di a kgantshwa tsa behwa hodimo kaofela ha tsona ka nako e le nngwe. O eletswa hore o behe dipoleiti tsa setofo sa hao tlase ka potlako hang ho ba pitsa e bele. O se ke wa sebedisa ovene ya hao jwalo ka hitara ka ha e ja motlakase o mongata.
Dihitara: Dihitara tsa motlakase di sebedisa motlakase o mongata. Ha o se na hitara ya kgase, o eletswa hore o mpe o kgantshe mola o le mong wa hitara ya hao ya motlakase. Mme ho a utlwahala hore hona ho tla nka nako e telele ho futhumatsa sebaka seo o leng ho sona.
Tshireletso ya mofuthu ka lapeng: Ho kwahela siling ya ntlo ho ka fokotsa haholo mofuthu hore o se tswe ka lapeng.
Mabone: Mabone a foloresente a fana ka kganya e sebedisang matla a manyenyane haholo.
O ka iteanya le mofepedi wa hao ha o batla ho tseba hape haholwanyane.
NA MOLAO O RENG KA HO KGAOLELWA PHEPELO YA MOTLAKASE?
Molao wa Motlakase wa 1987 jwalo ka ha o fetotswe, o bolela hore mofepedi wa motlakase a ka kgaola phepelo ya motlakase ho moreki ha a sa lefa akhaonte ya hae kapa a sa latela maemo a behilweng a phepelo. Le ha ho le jwalo, molao o bolela hore mofepedi eo o lokela ho neha moreki tsebiso ya matsatsi a leshome le metso e mene pele a ka kgaola phepelo eo ya moreki.
Nako ena e qala ho tloha letsatsing le behilweng lengolong. Tsebiso eo ho fanweng hape ka yona akhaonteng ya kgwedi e nkuwa e amohelehile. Ka hoo bareki ba kotjwa ho ela hloko se ngotsweng diakhaonteng tsa bona.
Karolo e laolang tlha ena maemong a amohelehileng a Ditshebeletso tsa Bareki (NRS 047) e theilwe hodima karolo ya Molao wa Motlakase eo ho buuweng ka yona mona ka hodimo.
Ditletlebo
Hopola hore sebaka sa ho qala seo o ka yang ho sona ke ho mofepedi wa sebaka sa heno.
Moreki o na le tokelo ya ho tletleba ka boleng ba tshebeletso a e fuwang ke mofepedi wa sebaka sa bona.
Mofepedi wa sebaka o tlamehile ho mamela e be o nka mehato ka ditletlebo tsa hao.
Ha wena moreki o sa kgotsofala ka sephetho kapa mokgwa oo tletlebo ya hao e tshwerweng ka teng, o ka romela tletlebo eo Bolaoding ba Setjhaba ba Motlakase bakeng sa thuso.
Dintlha tsa moo o ka iteanyang le ba Bolaodi ba Setjhaba ba Motlakase
Nomoro ya thelefounu: 884-0118
